Puo ya Ditekanyetso ya 2010 ya Tonakgolo ya Freistata:
Motsamaisi wa Dipuisano ya hlomphehang
Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso
Ha ke qale ka ho leboha Ntlo ena e hlomphehang ka ho boela e re neha monyetla ona wa ho ntjhafatsa letsholo la ho isa Lekgotla la Ketso ya Melao bathong. Re tsota bohlokwa ba qeto ya Ntlo ena e hlomphehang ya ho re Lekgotla la Ketso ya Melao le dule metseng le dibakeng tse fapafapaneng ho phatlalla le profensi ena ya rona ya Foreisetata, moo re buisanang ka di-programme tsa mmuso ho fihlela ditabatabelo tsa setjhaba tse hlahellang ho manifesto wa Dikgetho wa ANC.
Ditabatabelo tsena di fetisitswe e le tsa bohlokwa dintlheng tse lokelwang ho phethahatswa ke mmuso. Ho na le ntlha e le nngwe feela e lokelang ho re tataisa bohle - ntlha eo ke ho ntlafatsa maphelo a batho bohle ba rona. Ho bohlokwa haholo hore e be ho dula ha Ntlo ena e hlomphehang ho tlisitswe Botshabelo kajeno.
Botshabe ke lehae la bara le baradi ba ntwa ya tokoloho., mme ho ba ba ngata ba rona re tseba tulo ena ya Botshabelo e le lehae la e mong wa dithakangwaha tsa balwanedi ba tokoloho, mofu Kaizer Sebothelo. Ha motho sheba ka hara Ditho tse hlomphenag tse hara Ntlo ha jwale, ke bona bahlomphehi Dukwana, Makgoe le Oosthuizen, bao mmoho le nna re ileng ra sebetsa le mofu Comrade Kaizer Sebothelo ka 1994. Ba bang ba ditho tse ding mona ba ile ba sebetsa mmoho le Comrade Kaizer Sebothelo ka hara dibopeho tsa African National Congress nakong ya ntwa ya boitseko esita le ka morao ho moo. Mme ke dumela ka hona hore ditho tse hlomphehang di tla utwisisa hobaneng ha re etsa puo ena kajeno kwano;- ke hobane re hopola le ho hlompha mofu Kaizer Sebothelo.
Motsamaisi wa Dipuisano ya hlomphehang, boholo ba nalane ya tulo ena ya Botshabelo ha e ya ngolwa fatshe. Botshabelo e hlaloswa e le 'motse o moholo ka ho fetisisa Foreisetata yohle, mme ho thwe ke lekeishene le latelang Soweto ka boholo Afrika Borwa." Empa hona ha ho hlahise taba ya hore dilemong tse 32 tse fetileng mmuso wa apartheid o ile wa lahlela batho ba rona tulong ena e neng e bitswa Onverwacht. Ho na e ne e le karolo ya leano le soto la apartheid la ho tlosa batho ba buang Sesotho Thaba Nchu nakong eo e kenyeletswang ho se neng se bitswa boipuso ba Bantustan kapa lehae ba batho ba batsho la Bophuthatswana.
Batsamaisi ba apartheid ha ba a ka ba tlisa batho ba buang Sesotho feela mona tulong ena, empa ba bile ba ba ba etsa tulo ena karolo ya homeland ya Qwaqwa. Le ha ho le jwalo batho ba rona ka bongata bo boholo ba ile ba lwana ya kgumamela ho ipelaetsa le ho hanana le maano a apartheid le taba ya ho hokelwa ha tulo ena ho Qwaqwa.
Bongata bona ba batho ba tulo ena bo qetelletse bo e bitsa Botshabelo, mme ba ile ba e fetola lepatlelo la ntwa moo dira tsa ntwa ya boitseko di neng di sa fumane sebaka teng. E bile yona ntwa ena e ileng ya hlahisa bahale ba tshwanang le Kaizer Sebothelo le letlobo kapa generation ya hae ya di-activists tse ileng tsa bapala karolo e kgolo ntweng ya tokoloho.
Ena he, ke yona pale e sa ngolwang ya Botsahbelo, eo re lokelang ho e bokeletsa mme e ngolwe fatshe hore meloko e tlang e tle e tsebe ho utlwisisa hore hobaneng sebaka sena se ile sa bitswa " Botshabelo", hore ka hona meloko ya ka moso e tle e tsebe ho aha le ho betla pale ya tulo ena hodima nnete.
E, nnete ke hore mmuso wa profensi o hatetse pele ho fetola sebaka sena sa Foreisetata kamoo Comrade Kaizer a neng a se tseba se le ka teng. Ha re phahamisa maemo a ho kenya tshebetsong leano la ntjhafatso ya makeishene ka tlasa Operation Hlasela, Botshabelo e kenyeleditswe e le e nngwe ya bohlokwa selemong sena se setjha sa ditjelete. Hona ho tla thusa ntlafatso ya momahano ya tsamaiso ya di-programo le di-projeke tse tlang ho nna ho ntshetswa pele ke mafapha a fapafapaneng selemong sena se setjha sa ditjhelete.
Motsamaisi wa Dipuisano ya hlomphehang, re amohetse kgweheletso ya President Zuma ya hore 2010 ke : "Selemo sa Tshebetso". Lefapha la Tonakgolo le tla etella pele "Selemo sena sa Tshebetso", e le ha le ntshetsa pele boikarabelo ba lona bo ka sehlohong ba ho ntlafatsa tshebetso ya mmuso ka ho eketsa momahano le tshebedisanommoho ka hara mmuso, taolo ya tshebetso ya mmuso esita le ho itehanya kapa ho buisana ho ntlafetseng le setjhaba. Re tla etsa ka bohohle hore mmuso kaofela o tla tsepamisa maikutlo ho dintlha tse ka sehlohong tse hlaheletseng Puong ya pulo ya Lekgotla la Ketso ya Molao, State of the Province Address, e leng:

 Ditaba tsa Thuto 
 Ditaba tsa Bophelo bo Botle 
 Ntwa kgahlanong le Botlokotsebe le manyofonyofo 
 Ho thehwa ha mesebetsi e hlomphehang le tswelopele ya moshwelella 
 Ntshetsopele ya dibaka tsa mahae, tiisetso ya dijo le ho tlisa diphethoho tsa mobu 
 Mmuso wa selehae le ditaba tsa bodulo ba batho esita le Ntshetso pele ya Meralo
Mmuso wa provense ya Freistata o entse meralo e kenelletseng ya ho ntshetsa pele dikarolo tse ka sehloohong tse 7 le diphetho tse 12 tse hlwailweng, ho ba le diphihlello tse bonahalang. Tse hlokwang ho fihlella diphihlello tsena le diphetho tse hlwailweng, di se di tiisitswe le ho ikamahanya le Bili ya Taolo ya ditjhelete tsa Mmuso, le ho imatahanya le dipuo tsa ditakenyetso tse amehang ka Lekgotla la Ketsamelao. Ona ke mosbetsi oo re tshwaraneng le ona hajwale.
Ntshetsopele ya mokgwa wa tshebetso o ikamahantseng le diphetho, leha ho le jwalo, ha o so ka o fetolelwa ke Lefapha la Taolo ya Ditjhelete le ho kenyelletswa ka hara mokgwa o mawala le meralo ya tshebetso ya selemo le selemo. Leha ho le jwalo, Freistata, kantle le pelaelo, e tla be e itokiseditse ho ikamahanya le mekgwa e metjha e lebelletsweng ya meralo, e tlang ho sebetsa ho tloha ka Mmesa selemong se tlang.
Mohlomphehi Sepikara, Lefapha la Tonakgolo le sa ntse le tshwarane le mosebetsi wa kahobotjha ya tlhophiso ya tsamaiso e ka sehloohong le taolo ya tsamaiso boemong bo tlase ka hara mmuso wa provense. Mokgahlelo wa pele wa mosebetsi ona o se o phethetswe. Hajwale re ikopantse le Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso ho netefatsa boikamhanayo ba provense le diphetho tsa Tsamaiso ya Naha ya boemong bo ka sehloohong ya Projeke tsa Mmuso, e ileng ya etellwa pele ke Letona Ofising ya Mopresidente, le ikarabellang ho Peholeihlo ya Tshebetso le Tekolo.
Re lokela ho mamela keletso ya Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso, kaha le re lemosa hore j boikamahanyo ha bo bolele ho phethaphetha feela dipopeho tse boemong ba naha. Ke kahoo re ke keng ra kenya tshebetsong tse neng di lebelletswe pejana kaha re tlameha ho fana ka sebaka bakeng sa mosebetsi ona wa boikamahanyo. Mosebetsi ona o lebelletswe ho phethelwa selemong se tlang sa ditjhelete. Seabo sa diphetoho tse lebelletsweng popehong ya tsamaiso ya Lefapha la Tonakgolo ha e so hlahiswe ka hara ditekanyetso tseo re di tekang ka pela Ntlo e hlomphehang kajeno.
Ho lokelwa ho elwa hloko hore Lefapha la Naha la taolo ya Ditjhelete le se sa ntse le sebetsana le tshebetso ya ho ikopanya le Mafapha a a robong a provense a Ditonakgolo, mabapi le sebopheo sa jwale sa ditekanyetso. Sena se ka boela sa ba le seabo popehong ya ditekanyetso ya Lefapha la Tonakgolo ho tloha selemong sa 2011/2012 sa ditjhelete.
Hajwale, ke tla fetela pele ho bua ka mananeo a ditekanyetso a Lefapha.
TJHEBOKAKARETSO YA DITEKANYETSO
Kabo kaofela ya ditekanyetso ho Lefapha la Tonakgolo selemong sa 2010/2011 sa ditjhelete ke R167.942 miliyone. Tjhelete ena e abetswe Mananeo a mararo a latelang:
Lenaneo la 1: Tsamaiso le abelwa R45.621 Miliyone
Lenaneo la 2: Kakofiso ya Ditheo e abelwa R62.227 Miliyone.
Lenaneo la 3: Leano le Puso le abelwa R60.094 Miliyone.
Lenaneo la 1 - Tsamaiso
Motsamaisi wa Dipuisano ya Hlomphehang, Programme ena ka sehlohong e tsepamisitse maikutlo tshebetsong ya Premier le Lekgotla Phethahatso, hore mosebetsing wa bona ba fumantshwe tshehetso e phethahetseng e nang le boitsebelo ho tsa tsamaiso le tshehetso esita le tsamaisong le taolong ya ditjhelete.
Hara tse ngata, lenaneo lena le tla hle le tiise tshebetso ya Ofisi ya Premier le ho nehelana ka tshebeletso ya tshehetso ho Premier le Lekgotla la Phethahatso. Hape, programme ena ke lehae la Motsamaisi - Kakaretso, Director General, eo ntle le hore ke Mohlanka wa Phethahatso, Accounting Officer Lefapheng la Tonakgolo, e boetse hape ke Hlooho ya Tsamaiso mmusong wa Profensi ya
Foreiseta. Lenaneo lena le boetse le nehelana ka tataiso e mawala le keletso dintlheng tse amanang le kakofiso ya ditheo, tshireletso, dikotsi, Bolekodi le tsamaiso ya ditjhelete.
Lekgotla la Boeletsi la Tonakgolo, le tla qala ka mosebetsi wa lona selemong se setjha sa ditjhelete. Sepheo se seholo sa Lekgotla la Boeletsi ke ho nehelana ka keletso e lokelang ho Tonakgolo dintlheng tse ngata tse kenyelletsang, ka ho toba dikarolo tsa rona tse ka sehloohong. Ho lebelletswe hore keletso e tla hlwhiswa ho tswa diphuputsong le manollong, ho ikamahantswe le mekgwa ya stshebetso ya pejana , ya jwale, le e ntseng e hlahella boemong ba naha le ba matjhaba, ele tshebetso e hlwahlwa ya ntshetsopele ya leano le ntlafatso ya neheletsano ya ditshebeletso.
Mohlomphehi Sepikara, ke motlotlo ho tlaleha hore re kgonne ho theha Yuniti ya Bokenadipakeng ya Tonakgolo, e ikarabellang bakeng sa Mohala wa Thuso e Potlakileng ya Mopresidente. Yuniti ya Bokenadipakeng ya Tonakgolo e ikarabella mesebetsing e mengatanyana ya sehlooho e kenyelletsang tsamaiso ya Mohala wa Thuso e Potlakileng ya Mopresidente, e sebetsanang le tswantsho ya bobodu le mkga ya tshebetso e bonahalang ya bokenadipakeng ho mananeo kapa diprojeke tsa mmuso wa provense tsa hlokang thuso e ikgethileng ho tswa Ofising ya Tonakgolo. Yuniti ena ya Bokanedipakeng e tshwana le Yuniti ya Nehelano tya Ditshebeletso e ileng ya thehwa ke Ofisi ya Mopresidente. Hantlentle, Yuniti ena ya Bokenadipakeng e tla rarollla diteihiso le ho ntsetsa pele mananeo a bonahalang le a bonolo molemong wa mafapha ho tswela pele ho kenya tshebetsong nehelano e potlakileng ya ditshebeletso.
Puong ya Boemo ba Provense, ke ile ka hlakisa maikemisetso a rona a ho matlafatsa ditshebeletso tse leng teng tsa mehala ya thuso e potlakileng ka hara provense, ho biopa mohala o le mong wa thuso e potlakileng, o tlang ho tsamaiswa ke Setsha sa Disthebeletso tsa Mehala ka hara Lefapha la Tonakgolo. Ho arabela ka potlako dintlheng tse tlang ho fetiswa ka Mohala wa Thuso e Potlakileng Ofising ya Mopresidente, ho itshetlehile tshebedisanong eo re tla e fumana ho tswa mafapheng a mang a provsene, hammoho le bomasepala ba lehae le ba ditereke. Ho thakgolwa ha Foramo ya Bahlanka ba Lehokedi le Setjhaba e tla akofisa kgokahanyo ya rona haholo le matsapa a rona a tshebedisano ho netefatsa hore re arabela hantle tharollong ya ditletlebo tsa nehelano ya ditshebeletso, nakong tse behilweng.
Ofisi ya Tonakgolo e boetse e na le boikarabelo ba ho sebetsana le ho kenya tshebetsong mokgwa o mawala wa mmuso wa provense wa twantsho ya bobodu. Tse ding tsa dintlha tsa rona tse ka sehloohong tse mabapi le tswantsho ya bobodu di totobaditswe ka hara Puo ya Boemo ba Provense. Ho feta mona, Ditho tse hlomphehang di tla ananela hore mosebetsi wa rona ntlheng ena o tla tswela pele ho angwa le ho botjwa ke kgatelopele e tswellang boemong ba naha. Tabeng ena , dintlha tse pedi di lokela ho hlakiswa. Ya pele e amana le Komiti ya Tshebedisano ya Matona ya Twantsho ya Bobodu e eteletsweng pele ke Letona Collins Chabane, e ileng ya thehwa selemong se fetileng. Ntlha ya bobedi ke e amanang le ho thehwa ho lebelletsweng ha Yuniti ya Twantsho ya Bobodu ya Mekgatlo ya Setjhaba. Mosebetsi o seng o entswe ke Komiti le Yuniti hammoho le dikgothaletso tsatsona di ka ba le seabo mokgweng oo re sebetsanang ka ona le twantsho ya bobodu.
Mohlomphehi Sepikara, selemong se tlang sa ditjhelete, Lefapha le tla tswela pele ho sebetsa mmoho le ofisi ya Molekodi-kakaretso le Lefapha la Provense la Taolo ya Ditjhelete, e le ho matlafatsa bokgobni ba lona ba tsamaiso ya ditjhelete. Ka tsela eo, ho tla ba le tshehetso e tswellang ho mafapha ao a mmuso a tswelang pele ho fumana ditlaleho tsa ditjhelete tse bontshang moo ho kgetshemetsweng teng. Leha ho le jwalo, ke tlameha ho hlakisa hore lefapha la Tonakgolo, dilemong tse fetileng le ile la nna la fumana tlaleho ya bolekodi ba ditjhelete e neng e se na dipha. Hona ke mohlala o motle wa boetapele, leha ke tlameha ho dumela hore diphihlello tsa Lefapha la Dipapadi, Bonono, Setho le Boikgathollo, Dikgaung tsa 2009 tsa SAIGA, di behile mohlala o motle oo bohle re lokelang ho tswela pele ho o fihlella.
Tlhokeho ya ho matlafatsa Yuniti ya Taolo ya Dikotsi le Yuniti ya Bolekodi ba Kahare, e ile ya hlwawa mme ho tla sebetsanwa le yona selemong se tlang sa ditjhelete. Maikemisetsong a rona a ho sebetsa ho feta mona , Komiti ya Bolekodi ba Kopanelo e tla thewa pakeng tsa Ofisi ya Tonakgolo .e Lefapha la Provense la Taolo ya Ditjhelete. Mosebetsi wa ho kgetha Komiti ena Ya Kopanelo ya Bolekodi ba Ka hare, o se o qadile.
Motsamaisi wa Dipuisano ya hlomphehang, re itse re batla ho aha puso e tsotellang. Hore seo se phethahale re hloka ho etsa bonnete ba hore basebeletsi ba mmuso ba amohela le ho kenya tshebetsong ka ho phethahala letsatsi le letsatsi dintlha tsa tayo ya "Batho Pele". Re lokela ho theha tlwaelo ya ho sebetsa ka thata, ho ba le moya wa ho tsotella le boikarabelo. Mme ka ho tshwana, re tla phahamisa mosebetsi o etswang ke karolwana e bitswang Provincial Customer Care and Service Delivery, eo e tlang ho etsa di-report ka mehla ho Lekgotla la Phethahatso kapa Cabinet. Ho feta moo etsa bonnete ba hore ho behwa batho ba loketseng ba tlang ho sebetsa e le frontline staff, mme moo ho hlokahalang e be ho kwetliswa basebetsi ba itseng ho tayo ya "Batho Pele".
Lenaneo la 2 - Kakofiso ya Ditheo
Maikemisetso a mawala a lenaneo lena ke ho tataisa le ho hokahanya Mafapha a Provense mabapi le mesebetsi ya tshehetso ya ditshebeletso tse phatlalletseng tsa kgwebo. Maikarabelo a tla kenngwa tshebetsong ke dikarolo tsa latelang tsa mananeo:
Mehlodi e Mawala ya Batho
Thekenoloji ya Tlhahisoleseding le
Ditshebeletso tsa Molao dikarolo tsa latelang tsa mananeo di boetse di kenyelleditswe ka hara Lenaneo la Bobedi:
Boeletsi ba Mehlodi ya Batho le Botsamaisi ba Kgokahanyo,
Ntshetsopele ya Tsamaiso le
Mohlomphehi Sepikara, mokgwa o motjha wa tshebetso o ikamahantseng le diphetho, o ileng wa phatlalatswa ke Ofisi ya Mopreseidente, o bontsha hore basebetsi ba nang le bokgoni ke e nngwe ya dintlha tsa bohlokwa tsa katleho e hlokehang hore re kgone ho fihlella dintlha tse ka sehloohong tsa mmuso. Ke kahoo ho leng bohlokwa hore re tswele pele ho ananela basebetsi ba rona le ho ntshetsa pele bokgoni ba bona ba ho ithuta, ho etella pele le ho tswela pele maemong a dulang a fetoha.
Hore re fihlelle tebelllo ena, Setheo sa Thupelo le Ntshetsopele ya Freistata, ka tshebedisano le diSETA tse amehang, Ditsha tsa Thuto e Phahameng, se tla kenya tshebetsong mananeo a thupelo a tobileng ho akofisa boitsebelo ba seprofeshenale hammoho le boetapele bo tiileng le bokgoni ba botsamaisi. Tjhebobotjha ya Ntshetsopele ya Mehlodi ya Batho e tla bopa motheo o tsitsitseng bakeng la moralo wa basebetsi o ikamahnatseng le ditlhoko tsa ntshetsopele le phihlello ya ditebello tsa tshebetso.
Tsela eo mmuso o ntshang dithuso tsa bursary ka yona, ke mokgwa o mong oo mmuso o thehang mohlodi wa ho fumana basebeletsi ba mmuso ba ka moso. Baithuti ba 247 bao mmuso o ileng wa ba thusa ka ditjhelete, ba qetile dithuto tsa bona selemong se fetileng, 2009. Batla hirwa e le basebeletsi ba dinako tsohle mafapheng a fapafapaneng moo ho nang le dikgeo tsa mesebetsi teng. Ba bang bona batla nkwa e le basebetsi ba ithutang mosebetsi, internship, mme ba 10 ba bona batla iswa Lefapheng la Tonakgolo.
Ho feta mona Lefapha la Tonakgolo, le tla tataisa mmuso ka maano a shebileng ho thibela ho lahlehelwa ke basebeletsi ba mmuso. Hona ho tla kenyeletsa ntshetsopele ya Mehlodi ya tsa Botho, Human Resources, e le ho ntlafatsa tlhahiso le phano ya ditshebeletso Foreisetata.
Motsamaisi wa Dipuisano, ntlha e nngwe e ntseng e nngongorehisa haholo ke ho fokola ha Lenane la Dithuso ho Basebetsi, Employee Assistance Programme (EAP) ka hara mmuso wa Profensi ya Foreisetata. Taba ena etla shebisiswa haholo ka ha ke enngwe ya mamaneo a reretsweng ho theha maemo a matle mosebetsing.
Kei le ka tshwara dipuisano le di-union tsa basebetsi jwaloka NEHAWU le PSA, e le ho tiisa maqhama pakeng tsa mmuso le mekgatlo ya basebetsi.
Selemong se setjha sa ditjhelete, ke ikemiseditse ho tswela pele ho buisana le di-trade unions ho ba fa monyetla wa ho kena dipuisanong le mmuso ditabeng tse amang ditho tsa bona esita le maemo a tshebetso ka kakaretso a basebeletsi ba mmuso Foreisetata.
Ke tshepa hore re ka nna ra qala le mekgwa kapa ditsela tsa tsamaiso ditabeng tse amang basebetsi, mekgatlo ya basebetsi le mmuso. Mohato ona o tla be o eketsa dipusano tse ntse di le teng le mekgatlong ya baserbetsi ho Provincial Bargaining Council.
Selemong sena sa ditjhelete kentse tshebetsong le bolekodi ba ditlhoko tsa mmuso tsa Thekenoloji ya Dikgokahanyo tsa Tlhahisoleseding. Diphetho tsa bolekodi bona di bontshitse ka ho hlaka hore mmuso o sebedisa mananeo a fapaneng a disediswa tsa dikhomphyutha, tse eseng ka nako tsohle di sebetsang le tse ding mme ka nako tse ding di thulana. Phephetso e nngwe e hlwailweng e amana le phumantsho ya thepa ya Thekenoloji ya Tlhahisoleseding, e neng e sa hokahanngwa hantle mme ka nako tse ding e ileng ya lebisa ho ho kwalwa ha dikontraka tseo ho tsona mmuso o neng o sa une melemo e lebelletsweng. Kahoo, Lefapha la Tonakgolo le tla bapala karolo e matla kgokahanyong ya ntshetsopele ya leano la Thekenoloji ya Dikgokahanyo tsa Tlhahisoleseding mme le tla eletsa mafapha hantle mabapi le tsela eo mmuso wa provense p rerileng ho e latela mabapi le ditlhoko tsa Thekenoloji ya Dikgokahanyo tsa Tlhahisoleseding. Ntlha e ka sehloohong ya morero ona e tla ba ho netefatsa hore mmuso o una boleng bo hodimo ba tjhelete ho tswa mehoding eo o e abelang karolo ena ya bohlokwa.
Selemong se fetileng, re ile ra phatlalatsa hore re rerile ho bokanya ditshebeletso tsa semolao. Jwaloka mohato wa pele, ho tla ba le bolekodi ba dintlha tse kgahlano kapa tse dumellanang le mmuso wa provense ho bokella ditshebeletso tsena ka hara Lefapha la Tonakgolo. Re boetse re ntlafaditse kgokahanyo ya rona ka baeletsi ba molao mafapheng a fapaneng a mmuso wa provense ra ba ra eketsa le bokgoni ba ho arolelana tsebo le boitseblo dintlheng tsa bohlokwa tsa molao.
Mohlomhpehi Sepikara, jwaloka karolo ya ho ntlafatsa bokgoni ba dikgokahanyo tsa mmuso, re se re arohantse mesebetsi ya Sebuledi sa Mmuso le Molaodi ya ka Sehloohong wa Dikgokahanyo. Khiro mesebetsing ena e mmedi e sa tswa etswa. Sena se tla etsa hore hara tse ding, Dikgokahanyo tsa Bolaodi bo ka Sehloohong, bo tsepamise maikutlo ho Bolaodi bo ka Sehloohong bo nehelane ka tataiso e hlokehang e mawala ho dikgokahanyo tsa provense, ho ntshetsapele le ho tsebahatsa boitsebiso ba kgwebo ba Mmuso wa Provense ya Freistata le ho nehelana ka ditshebeletso tse akaretsang tsa dikgokahanyo.
Moralo o Mawala wa Provense wa Dikgokahanyo, ho kenyelletswa le Lenaneo la tshebetso la selemo le selemo la tshebedisano ya mebuso le mafapha, o ntse o botjwa hajwale Meralo ena e bohlokwa haholo ho tlisa momahano ho dikgokahanyop tsa mmuso. Sena se tla ntlafatsa le ho atolosa kutlwisiso ya mosebetsi wa mmuso wa provense. Tjhebobotjha ya dipopeho tsa rona tse teng hajwale tsa dikgokahanyo, le yona e ntse e tswela pele ka sepheo sa ho theha Yuniti e Bohareng ya Momahanyo ya Dikgokahanyo le Setsha sa Provense sa Ditshebeletso tsa Masedinyana. Dipopeho tsena di reretswe ho netefatsa hore re theha mehato e tshwanang ya ho hlophiosa matsholo a dikgokahanyo ka kopanelo boemong ba provense le ba bomasepala. Re tla boela re sheba kgonahalo ya ho kenyeletsa seabo sa mafapha dipopehong tsena jwaloka Ditumellano tsa Tshebetso bakeng la batkgathatema bohle ba provense ba dikgokahanyo. Maikemisetso a rona ntlheng ena a tla lebiswa ho netefatseng hore re sebetsa ka matla ho fihlella sephetho se lebelletsweng sa baahi ba matlafaditsweng, ka tsela e hlokang leeme, le ba nang le seabo ka ho otloloha.
Lenaneo la 3 - Leano le Puso
Mohlomphehi Sepikara, lenaneo lena le tla shebana le momahanyo le ho boikamahanyo ba tshebetso tsa mafapha le bomasepala ho fihlella dipehelo le dintlha tse ka sehloohong tsa Mmuso wa Provense ya Freistata. Setsheng sa provense sa kgokahanyo ya leano le tataiso e mawala, ho tla ba le Mananeo a latelang le dikarolwana tsa ona:
Mananeo a Ikgethang
Dikamano pakeng tsa Mebuso, Meralo
Ntshetsopele ya Maano le
Peholeihlo ya Mmuso e Phatlaletseng le Tekolo.
Mosebetsi o moholo wa mananeo ana ke ntsehtsopele e momahaneng ya maano a mmuso, meralo le kgokahanyo. Sena se kenyelletsa le moralo o momahaneng wa provense, diphuputso, peholeihlo le tekolo, dikamano pakeng tsa mebuso le matjhaba, mananeo a maholo a mmuso le demokrasi e dumellang bohle ho ba le seabo.
Mohlomphehi Sepikara, kananelo ya dintlha tse supileng tse ka sehloohong le diphetho tse 12 di etsa hore ho be le bohlokwa ba tjhebobotjha ya Moralo o Mawala wa Kgolo le Ntshetsopele ya Freistata. Ho netefatsa boikamahanyo le momahanyo dikarolong tse 3 tsa mmuso, le ho akofisa bokgoni ba meralo, re tla ba le tshebetso e kenyelletsang dikarolo tsohle tsa setjhaba sa rona. Tjhebobotjha e tla boela e fana ka matla tshebetsong ya diphetoho meralong ya nako e telele eo re batlang ho ikakgela ka setotswana ho yona re le naha.
Lefapha la Tonakgolo le tla etellapele tshebetso ena ho netefatsa hore bolekodi ba naha yohle ya provense e leng teng bo etswa selemong se setjha sa ditjhelete. Tlhahisoleseding ya mantlha e se e le teng bakeng la diphuputso tsena. Sena se tla etsa hore mmuso wa provense hore o akofise bokgoni ba ona ba meralo mme sena e tla e nngwe ya dintlha tsa bohlokwa tse tlang ho fepela tjhebobotjha Moralo wa Ditshebeletso wa Dibaka wa Provense ya Freistata, tse tlang ho kenngwa tshebetsong. Re na le maikutlo a hore Moralo o Mawala wa Kgolo le Ntshetsopele ya Freistata le Moralo wa Ditshebeletso wa Dibaka wa Provense ya Freistata, di tlameha ho totobatsa diphetho tsa ntshetsopele ya mmuso nakong e kgutshwane, e mahareng le nako e telele. Ho tla boela ho eba le matshwao a moruo wa provense a tlang ho hokelwa morerong ona.
Mafpha ohle a mmuso, bomasepala le mafapha a mmuso wa naha a sebetsang ka hara Freistata, a tla lebellwa ho amahanya meralo ya ona le mananeo ho Moralo o ntlafadistweng wa Kgolo le Ntshetsopele ya Freistata.
Lefapha la Tonakgolo le tla boela le etella pele mosebetsi wa ho thehwa ha Diforamo tsa Nehelano ya Ditshebeletso. Ntlheng ena, ke lokela ho bolela hore Lekgotla la Phethahatso le sa tswa ananela ho thehwa ha Diforamo tse latelang tsa Nehelano ya Ditshebeletso;
Foramo ya Nehelano ya Ditshebeletso ya Mekgatlo ya Setjhaba e tlang ho etellwa pele ke Mohlomphehi SLP Makgoe mme e tla hokahanya mafapha a provense a kang la Thuto, Bophelo bo Botle, Ntshetsopele ya Setjhaba, Ditshebeletso tsa Mesebetsi ya Setjhaba & Ntshetsopele ya dibaka tsa mahae, Dipapadi,Bonono, Setho & Boikgathollo hammoho le la Temo. Foramo ena ya Nehelano ya Ditshebeletso, e tla shebana le diphetho tse ka sehloohong tsa Thuto ya Boleng ya Mantlha, hammoho le Bophelo bo bolelele le bo Botle ba Maafrika Borwa ohle.
Foramo ya Nehelano ya Ditshebeletso ya Ditshebeletso tsa Polokeho ya Setjhaba, e tla hokahanya mafapha a provense a kang la Sepolesa, Ditsela le Dipalangwang, Thuto, Ntshetsopele ya Setjhaba, le Temo, mme e tla etellwa pele ke Setho sa Lekgotla la Phethahatso SLP: Qabathe. Sephetho se ka sehloohong: " Batho bohle ba Afrika Borwa ba bolokehile" e tla ba boikarabelo ba mantlha ba Foramo ena ya Nehelano ya Ditshebeletso.
Foramo ya Nehelano ya Ditshebeletso ya Ntshetsopele ya Moruo le Dibaka tsa mahae, Ntsafatso ya Meralo ya Ditshebeletso, e tla shebana le diphetho tse latelang tse ka sehloohong;
Mesebetsi ya seriti ka kgolo ya moruo e nang le kenyeletso ya bohle
Marangrang a meralo ya ditshebeletso a sebetsang, a supang tlhodisano, le arabelang ditlhoko tsa moruo
Dibaka tsa mahae, tse babatsehangm nang le tekatekano, le bophelo bo tswellang, tse nyehelang ho polokeho ya dijo bakeng la bohle le
Ho sireletsa le ho akofisa thepa ya tikoloho ya rona le mehlodi ya tlholeho
Mafapha a provense a Ntshetsopele ya Moruo, Bohahlaudi & Merero ya Tikoloho, Sepolesa, Ditsela le Dipalangwang, Mesebetsi ya Setjhaba & Ntsetsopele ya Dibaka tsa Mahae, Temo le Bodulo ba Batho, di tla bopa Foramo ya Nehelano ya Ditshebeletso ya Ntshetsopele ya Moruo le Dibaka tsa Mahae, le Ntlafatso ya Meralo ya Ditshebeletso. Foramo ena ya Nehelano ya Ditshebeletso e tla etellwa pele ke SLP Manyoni.
Setho sa Lekgotla la Phethahatso SLP se ikarabelang ho Ditjhelete se tla etella pele Foramo ya Nehelano ya Ditshebeletso ya Bodulo ba Batho, e tlang ho hokahanya mafapha a provense a kang la Provense la Taolo ya Ditjhelete, Lefapha la Tonakgolo, Puso ya Kopanelo, Boetapele ba Setso le Bodulo ba Batho, Dipapadi, Bonono, Setho le Boikgathollo le la Bophelo bo Botle. Foramo ena ya Nehelano ya Ditshebeletso e tla shebana le diphetho tse latelang;
Basebetsi ba nang le boitsebelo le bokgoni ho tshehetsa tsela e kenyellletsang ya kgolo
Bodulo ba batho bo tshwarellang le boleng bo ntlafetseng ba bophelo bo botle ba baahi
Bophethahatsi ba puso ya selehae e arabelang, e nang le bokarabelo, le e e sebetsang.
Ho theha Afrika Borwa e betere, Afrika e betere lefatshe le betere
Tshebeletso ya setjhaba e sebetsang, e matla, le e itshetlehileng ho ntshetsopele le boahi bo matlafetseng, bo hlokang leeme, le bo kenyelletsang bohle.
Mohlomphehi Sepikara, ho lokelwa ho hlakiswa hore Diforamo tsa Nehelano ya Ditshebeletso ha di tlo botjwa feela ke mafapha a provense. Bakgathatema ba tlatsetso ba tla kenyelletsa ditheo tsa setjhaba provenseng hammoho le tsa boemong ba naha, tse teng ka hara Provense ya Freistata.
Re boetse re lokela ho toboketsa ho kenyelletswa ha setjhaba, haholoholo mekgatlo eo eseng ya mmuso, mekgatlo ya baahi le mekgatlo ya ditumelo tse fapaneng, jwaloka bakgathatema ba bohlokwa ho fihlela diphetho tsena. Sena se ka etsahala ka mokgwa o bonahalang ka ho sebedisa mohlala wa hore Makgotla a Tsamaiso ya Dikolo ke bakgathatema ba bohlokwa ho netefatsa hore re nehelana ka diphetho tsa Thuto.
Diforamo tsa Nehelano ya Ditshebeletso di tla nka sebaka sa mokgwa o ntseng o sebetsa wa dihlopha tse bopilweng ka mafapha a mmuso, wa ditlelasta. Foramo ka nngwe ya Nehelano ya Ditshebeletso e tla bopa Tumellano ya Nehelano ya Ditshebeletso tse tlang ho bontsha nyehela ya mokga ka mong ho fihlella diphetho ka tlhahisoleseding e mabapi le ditekanyetso, ho kenngwa tshebetsong ha dinako tse beilweng le kabo ya basebetsi. Diforamo tsenne tsa Nehelano ya Ditshebeletso di tla ba le boikarabelo ba ho netefatsa hore mananeo a bonahalang a kenngwa tshebetsong ho netefatsa hore mmuso wa provense ya Freistata o phethahatsa maikarabelo a ona, ho latela diphetho tse 12 tse hlwailweng.
Diforamo tsa Nehelano ya Ditshebeletso di tla boela di bopa morero o nikgethang wa Yuniti ya Nehelano ya Ditshebeletso ho sebetsana le dintlha tse sitisang phano e nepahetseng ya ditshebeletso. Di tla sebetsa mmoho le ditheo tsa nehelano ya ditshebeletso tse amehang ho tlosa ditshitiso tseo. Mesebetsi ya tsona e tla theha dipopeho tsa ho ntlafatsa nehelano ya ditshebeletso tse ka latelwang ke ba bang. Mosebetsi wa ho kenya tshebetsong Diforamo tsa Nehelano ya Ditshebeletso o reretswe ho qala ka Mmesa.
Mohlomphehi Sepikara,ntlha e nngwe ya bohlokwa ya matsapa a rona a kgokahanyo e matlafetseng le e ntlafetseng, e kenyeletsa bomasepala ba lehae le ba ditereke.Foramo ya Kgokahanyo ya Tonakgolo e sebetsa hantle haholo. All Bomajoro kaofela le Batsamaisi ba Bomasepala ba ba le seabo foramong ena ya bohlokwa ya tshebedisano pakeng tsa ditheo tsa mmuso moo dipuisano tse ahang mananeong a phatlaletseng a mmuso a etsahalang teng. Foramo ya Tonakgolo ya Kgokahanyo e ile ya kopana ka Hlakola ho shebana le mokgwa wa tshebetso o itshetlehileng ho diphetho wa lenaneo la tshebetso la mmuso le la provense. Ke motlotlo ka ho tiisa hore meralo e ileng ya tekwa ke mafapha a fapaneng a mmuso wa provense ho Ntlo ena e hlomphehang, nakong ya puo ya ditekanyetso, e se e ile ya kgothaletsa bomasepala ho tshehetsa ho phatlalla le Provense ya Freistata.
MANANEO A IKGETHANG
Jwaloka Yuniti ya Diprojeke tsa Tonakgolo tse ikgethang, mananeo a latelang a tla kenngwa tshebetsong selemong se latelang sa ditjhelete;
Re tla thakgola Letsholo la Motlotlo ho Sebeletsa Setjhaba le hokahantsweng ho Lenaneo la Ditshebeletso tsa Batjha, le tlang ho shebana le ho hokahanya batjha tlhwekisong ya mabitla, meaho ya setjhaba, le dibaka tse bulehileng tsa setjhaba. Batjha ba tla beng ba tswa lenaneong lena ba tla hokahanngwa ho Mananeo a Naha a Ditshebeletso tsa Batjha a tsamaiswang ke mafapha a fapaneng a mmuso. Lenaneo la naha la Ditshebeletso tsa Batjha le lebelletswe ho kgothaletsa boitshepo ba naha hara batjha le ho ba aha ka bokgoni bbo hlokehang bo tlang ho ntlafatsa menyetla ya bona ya ho hirwa ha ba ntse ba nehelana ka ditshebeletso tsena tsa bohlokwa dibakeng tseo ba dulang ho tsona le setjhabebg ka kakaretso.
Mohlomphehi Sepikara, Ofisi ya Boemo ba Batho ba nang Boqhwala e kentse tshebetsong mokgwa wa tshebetso o tobileng boqhwala. Puong ya Boemo ba Provense, ke ile ka bolela dintlha tse pedi tse ka sehloohong tseo ho tlang ho sebetsanwa le tsona selemong se tlang sa ditjhelete. Ya pele ke e amanang le boemo ba ba dikolo tsa setjhaba tsa bana ba ikgethang ka hara Freistata ha ya bobedi e kenyeletsa boikamahanyo ba meaho ya mmuso ho maemo a behilweng mabapi le phihlello ke batho ba nang le boqhwala.
Ho feta mona, re tla tswela pele ka mosebetsi wa rona mabapi le batho ba nang le boqhwala bo amanang le kgaello ya pono le kutlo. Re ikemiseditse ho ntlafatsa boikemelo le motsamao o lokolohileng wa batho ba sa boneng ka hara Freistata. Sena se tla fihlellwa ka lenaneo la bolekane le Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Dintja tse Tataisang.
Re tla boela re thusa bana ba kenang sekolo, ba nang le kgaello ya kutlo, ho fumana dithusakutlo. Nehelano ya disebediswa tsena tsa thuso e tla ba le seabo se tobileng ho ntlafatsa bokgoni ba bona ba ho ithuta.
Re tla boela re lekole kgatelopele eo re seng re e entse mabapi le ho hira batho ba nang le boqhwala ka hara ditshebeletso tsa setjhaba tsa Freistata. Sena se tla re kgontsha ho elellwa matla le diphephetso tsa mokgwa wa rona wa tshebetso wa jwale le ho nehelana ka tsela eo re ka kenyang tshebetsong diphetohong tse hlokehang.
Re boetse re ikemiseditse ho ntlafatsa maemo a bodulo a mekaubere ya rona ya sesole ka hara Freistata. Bahlolohadi ba mekaubere ya sesole ba se nang matlo ba tla thuswa ho fumana matlo ao ke Lefapha la Bodulo ba batho. Bolaodi bo ka Sehloohong ba Mananeo a ikgethang bo tla hokahanya lenaneo lena le ho ba le dipuisano le mekgatlo e emetseng mekaubere ya sesole.
Mohlomphehi Sepikara, re tla netefatsa hore ditlhoko tsa maqheku di elwa hloko ke mmuso wa rona wa provense. Sena ha se amane feela le mokgwa wa tshebetso wa ho "hola o le mahlahahlaha" oo mmuso o o kentseng tshebetsong, empa re elellwa hore bophelo bo botle ba maikutlo a maqheku bo tlameha ho hlokomelwa. Re elellwa nnete ya hore maqheku a rona e se le bahlokomedi ba bana ba bangata ba rona, hangata malapa a itshetlehile tjheleteng ya bona ya penshene ya boqheku. Diketsahalo tsa tlhekefetso ya mmeleng le maikutlong ya maqheku a rona tseo re kopanang le tsonanako tsohle ha di bontshe setjhaba se tsotellang seo re se ahang. Lefapha la Tonakgolo le tla sebetsa mmoho le la Ntshetsopele ya Setjhaba ho netefatsa ntshetsopele le le ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a tlang ho sebetsana ka ho otloloha le thekolohelo ya maqheku ka hara Freistata.
Re tla boela re matlafatse dikamano tsa rona le dinaha tsa matjhaba ka hara meralo ya naha ya ditshebeletso, ya ho tsebahatsa bodiplomate ba moruo Re hlwaile diprovense ka hara People's Republic of China, Thailand, Federal Republic of Germany le dinaha tse fapaneng tsa Ntshetsopele ya Boahisane ba Dinaha tse Afrika e ka Borwa (SADC), ho netefatsa hore provense ya rona e una melemo e meholo maqhameng ana.
Lekgotla la Provense la AIDS
Lenaneo la Tekolobotjha ya Bolekane ba Afrika
Mohlomphehi Sepikara, lefapha la rona le tla boela le hokahanya ditshisinyo tsa mmuso wa provense le Freistata ka bophara, ho leba mosebetsing wa Tekolobotjha ya Bolekane ba Afrika. Ntlheng ena re ile ra bopa botjha Komiti ya Provense ya Tekolobotjha ya Bolekane tlasa bodulasetulo ba Mohlomphehi Seeiso Mohai, SLP se ikarabellang sa Lefapha la Ditjhelete.
Komiti ya bakgathatema e tla botjwa ka mekgatlo yohle ya setjhaba sa rona e le ho netefatsa hore nyehelo ya rona e ba ya nnete ya Freistata e kenyelletsang bohle.. Re ke ke ra swabela ho itekola le ho itshupa moo ho hlokehang, kaha re dumela hore, hore demokrasi ya rona e hole, re lokela ho tshepahala ka borona. Ka ho etsa mosebetsi ona wa Tekolobotjha ya Bolekane ba Afrika, re tla tataiswa ke mantswe a tlhalefo a Amical Cabral ha a ne a re: "Tell no lies, claim no easy victories"
Twantsho ya Bofuma
Re etse hloko hore Kabinete e ile ya tshehetsa ho fetisetswa ha Twantsho ya Bofuma ya Naha ho Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa mahae le Ntlafatso, ho tloha ofising ya Mopresidente. Ditlamorao tsa qeto ena mmusong wa provense di ntse di lekolwa.
Mohlomphehi Sepikara, Lekgotla la Phethahatso le nkile qeto ya ho tlosa kgokahanyo la Setsha sa Ditlhophiso sa Harrismith, ho tswa Lefapheng la Sepolesa, Ditsela le Dipalangwang ho ya ho Lefapha la Tonakgolo. Sena se entswe e le ho akofisa kgokahanyo ya projeke ena. Ke tlameha ho hlakisa, leha ho le jwalo hore Lefapha la Sepolesa, Ditsela le Dipalangwang le Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo, Tikoloho le Bohahlaudi, a tla tswela pele ho ba mafapha a eteletseng pele projeke ena.
Mohlomphehi Sepikara, re tla tswela pele ho tsitlallela hore mosebetsi wa rona ke ho theha maemo a tla fedisa tlala le ho se sireletsehe ha dijo, phokotso ya bonokwane, ho theha setjhaba se phethseng hantle se sa hlaselwang ke mafu, ho theha mesebetsi ya moshwelella, ho ruta le ho kwetlisa setjhaba sa rona. Ka ho etsa jwalo, ke feela mehato e itshetlehileng ho tumellano e tlang ho sebetsana ka tsela e bonahalang, e tlang ho phethahatsa ditebello tsa batho ba Freistata.
Ke kahoo re lokelang ho kgotsofala, kantle le qeaqeo ya letho, hore, Cde Kaizer Sebothelo le balwanedi ba bang ba bangata ba toka ya setjhaba, e bile karolo ya manqosa a botho a entseng nalane le ha nalane e ne iqobella ho bona.. Re tla dula re ba hopola kamehla.
Ke a leboha
